Marangrang a maholo a diselefouno a se a tsekile hore ho tima ha motlakase, hoo ba se nang taolo ya hona, ho tla ba le kgahlamelo e mpe ho phokotso ya ditjeo tsa datha. Leha ho le jwalo, bareki ha ba a lokela ho lefella seo haholoholo ha ho na le melawana e lokelang ho ba sireletsa kgahlanong le ho se fumane boleng ba tjhelete ka tsela ena.
Ka Koketso Moeti
Hoo e ka bang kgwedi, Afrika Borwa e ntse e le tlasa kgatello ya ho tima ha motlakase – kapa ho tima ha motlakase ka phapanyetsano ya dibaka – ka lebaka la hore mokgatlo wa motlakase wa naha, Eskom o thatafallwa ho kgotsofatsa ditlhoko tsa motlakase. Ho tima hona jwale ho baka ho tima ha matshwao a diselefouno ka lebaka la marangrang a tlalehang a sokola ho boloka ditora tsa bona di sebetsa.
Kgahlamelo ya ho tima ha matshwao ana e senya haholo ho bareki ba nang le meputso e tlase. Dipatlisiso di bontsha hore ba tshepa dipakana tse nyane tsa datha, mme ha marangrang a kgutla, dipakana tsa bona tsa datha ho ka etsahala hore di be di fedile. Thuto ya akhademi e sa tswa feta e tsheheditse dipatlisiso tsena, tse neng di kenyelletsa sehlopha sa batho ba bolokang dibukana ho beha leihlo tshebediso ya bona ya datha.
E mong wa bona e ne e le Thandiwe, ya lokisang moriri ya neng a kgona ho reka datha ya boleng ba R12 feela ka kgwedi. Kahoo haeba Thandiwe a ne a ka sebedisa R12 eo ho reka 1GB ya pakana ya datha ka hora, empa a sa e qete, o ne a tla tlameha ho reka pakana ya datha e ntjha hore e fetisetswe horeng e latelang – empa o tla be a se a sebedisitse bajete ya hae ya data bakeng sa kgwedi kaofela.
Sena se ile sa mpefala le ho feta maemong a ho tima ha motlakase, e leng se ka bolelang hore haeba a ne a sa kgone ho kena ho marangrang a hae, Thandiwe a ka be a lahlehetswe ke datha ya hae ya kgwedi ntle le hore a e sebedise. Ona ke mohlala o le mong feela wa hore na bareki ba fumanang meputso e tlase ba kgethollwa jwang ke dipehelo tsa hajwale tsa phetiso ya datha. Empa ha ho a tlameha ho ba ka tsela eo.
Selemong se fetileng feela bareki ba hapile tlholo e kgolo ha Bolaodi bo Ikemetseng ba Dikgokahano ba Afrika Borwa (ICASA) bo tsebisa melawana, e reretsweng ho sireletsa basebedisi ba datha ya diselefouno. Melawana ena, hara melemo e meng, e tla hloka hore marangrang a diselefouno a fe bareki monyetla wa ho fetisa datha ya bona ho fapana le ho lahlehelwa ke datha e sa sebedisweng. Sena se tla netefatsa ba hore bareki ba kgona ho fumana boleng ba bona bo felletseng ba tjhelete, esita le nakong ya ho tima ha motlakase.
Pele ho kenngwa tshebetsong, Vodacom e ile ya tsebisa hore ba tla lefisa tefiso bakeng sa phetiso ya datha – teko e belaetsang ya ho qhekella bareki bakeng sa ho fumana melemo ya melawana. Ha se feela hore ditefello di ne di tshosa, empa bakeng sa bareki ba rekang dipakana tsa hora kapa tsa letsatsi le letsatsi, ditefello di ne di tla bitsa tjhelete e batlang e lekana le ya pakana ya datha eo ba neng ba tla e sebedisa. Kgalefo ya bareki le mohato wa molaodi di ile tsa ba qobella ho tjhetjha, empa ntwa ha e so fele.
Leha ba sa lefise ka kotloloho bakeng sa phetiso ya datha, Vodacom, mmoho le MTN ba beile maemo a ntseng a hloka hore bareki ba sebedise tjhelete ho fetisa datha ya bona. Ho ya ka melawana le dipehelo tsa Vodacom, bareki ba tla hlokwa ho reka pakana ya boholo bo lekanang ho etsa hore datha ya bona fetiswe. MTN le yona, e hloka hore o reke pakana e nngwe ho netefatsa hore datha ya hao e a fetiswa, leha ho bona, sena e ka ba pakana ya boholo bofe kapa bofe. Hape, bareki ba meputso e tlase ba ka nna ba se ke ba kgona ho reka pakana e nngwe ba kgethollwa ka ho kgetheha ke tlhokahalo ena.
Marangrang a maholo a diselefouno a se a ntse a tsekile hore ho tima ha motlakase, hoo ba se nang taolo ya hona, ho tla ba le kgahlamelo e mpe phokotsong ya ditjeo tsa datha. Leha ho le jwalo, bareki ha ba a lokela ho lefella seo haholoholo ha ho na le melawana e lokelang ho ba sireletsa hore ba se fumane boleng ba tjhelete ka tsela ena.
Ha se lekgetlo la pele diopereitara tsa marangrang a diselefouno di sebetsa ka ditsela tse reretsweng ho qoba melawana. Selemong se fetileng, dihora tse ka bang 24 pele melawana e reretswe ho kenngwa tshebetsong, phephetso ya molao e ile ya thakgolwa ke diopereitara tse kgolo tsa diselefouno tsa Afrika Borwa e bakileng tieho e kgolo. Dikgwedi hamorao, ho ile ha fihlellwa qeto ya hore mahlakore ohle a dumellane ho phethahatsa ka la 1 Tlhakubele 2019.
Ho sa tsotellehe boiteko ba bona, ha se ntho e hlonamisang le ho nyahamisa feela. Kgatello ya bareki e entse hore ho amohelwe melawana. E ile ya boela ya qobella MTN le Vodacom ho fokotsa haholo ditheko tsa ka ntle ho dipakana. Hape, Khomishene ya Tlhodisano e tlameha ho lokolla tlaleho ya yona, ho latela dipatlisiso tsa yona tsa mmaraka mabapi le ditjeo tsa datha.
Bareki ba tlameha ho kenya letsoho ho netefatsa hore melemo ya melawana e fumanwa ke bohle. Mokgwa o mong wa ho etsa sena ke ka ho romella ditletlebo ho diopereitara tsa marangrang haeba ba sa fumane melemo. amandla.mobi e kgothaletsa batho ho fetisetsa dikarabo tse amohetsweng ho ditletlebo, ho kenyelletswa le dinomoro tsa referense tse fanweng tseo e tla ba karolo ya tletlebo ho ICASA, hara diketso tse ding. Bareki ba ke ke ba tlatlatjwa ke diopereitara tsa marangrang a diselefouno ba ikemiseditseng ho se sebetse ka moya o motle.
Kgalefo ya bareki e kile ya sebetsa pele hobane, kamora tsohle, dikgwebo tsena tse se nang mohau, tse tlatsang diphaello di itshetlehile ka rona bakeng sa diphaello tsa tsona.
* Ona ke mofuta o hlophisitsweng hanyane wa athikele ya maikutlo eo qalong e ne e phatlaladitswe ke The Star.