Kgutlisang Leigh-Ann

Amandla.mobi e nyatsa ho kgaoletswa ha Sekepe sa Basadi se neng se ya Gaza mme e etsa kgoeletso ya hore ho lokollwe basadi ba neng ba se palame, ho kenyelletswa Leigh-Ann Naidoo wa Afrika Borwa.

Mokgatlo wa setjhaba o a tseba ka ho kgaoletswa ha Sekepe sa Basadi se neng se ya Gaza (WBG) ke Iseraele, sehlopha sa basadi ba tsamayang ka sekepe ho leka ho tlosa thibelo e seng molaong ya Iseraele sebakeng sa Gaza Strip ya Palestina.

“Re fumana ho sa amohelehe hore ntle le ditshoso tsena tsa setjhaba ke Iseraele, mme ho sa tsotellehe taba ya hore e mong wa baithaopi ka sekepeng ke moahi wa Afrika Borwa, Leigh-Ann Naidoo sebapadi sa mehleng sa diolimpiki le moitseki, Lefapha la Dikamano tsa Matjhaba (DIRCO) le ntse le kgutsitse” ho boletse Koketso Moeti, molaodi wa phethahatso wa amandla.mobi.

Mekgatlo le batho ka bonngwe ka bobedi ba etsa kgoeletso ho setjhaba sa matjhaba, ho kenyelletswa mmuso o etelletsweng pele ke ANC, ho kopa tiisetso ya ho kgutlela hae ka polokeho, le ho nka lehlakore kgahlanong le thibelo e seng molaong ya Gaza ke Iseraele. Zaytouna e ne e tsamaya metsing a matjhaba le ka mokgwa wa molao, wa kgotso ntle le tshoso, e se na thepa e seng molaong kapa dibetsa.

Moeti o susumetsa Mopresidente wa SA ho nka mehato ka potlako ho netefatsa polokeho ya basadi bohle ba morerong ona, ho kenyelletswa Leigh-Ann Naidoo. Ho bohlokwa hore mmuso wa SA o fane ka tshireletso e hlokahalang ho moahi wa yona.

Ho ya ka Sesole sa Tshireletso sa Iseraele (IDF), sekepe se ile sa laolwa ntle le dikgoka kapa kganyetso leha e le efe ho tswa ho baitseki ba 13 ba neng ba le ho sona. Ho a nyatseha hore ntle le tahlehelo ya maphelo e bakilweng ke boshodu bo seng molaong ba Iseraele metsing a matjhaba, mmuso wa Iseraele o boetse o pheta boitshwaro ba wona ba bosenyi. Ka mokgwa o tshwanang, ha ho dumellehe hore Dinaha tse Kopaneng le Lekgotla la Tshireletso la tsona ba hlolehile ho lemosa Iseraele hore e se ke ya tswela pele ka tshokelo ya yona ya ho hlasela WBG.

“Kahoo, re etsa kgoeletso ho Mopresidente wa SA ho nka mehato ka potlako ho netefatsa polokeho ya basadi bohle ba morerong ona, ho kenyelletswa Leigh-Ann Naidoo. Ho bohlokwa hore mmuso wa SA o fane ka tshireletso e hlokahalang ho moahi wa wona” ho phethela Moeti.

Setjhaba sa matjhaba, ho kenyelletswa mmuso o etelletsweng pele ke ANC, se tlameha ho kenella ho thibela Iseraele ho etsa bosenyi bo jwalo kgahlanong le batho, bosenyi boo e bo etsang hangata ntle le kotlo e felletseng.

Qetelo/

Bakeng sa tlhahisoleseding e nngwe le ho botsa dipotso, ikopanye le:

Koketso Moeti

082 583 5869 / koketso@amandla.mobi

Share the Post:

Related Posts