Ditlatsetso di ne di lokela ho etswa ho ba moshwelella

Amandla.mobi e swabile hore ebe ditlatsetso tsohle di ya pheletsong ho tloha ka Pudungwana. Mokwallo ka lebaka la sewa sa COVID-19 o bakile tahlehelo ya mesebetsi mme ho behile malapa a mangata mathuleng a tlala1. Manollo ya datha ya NIDS-CRAM2 e bontsha hore ditlatsetso le dithuso tsa ditjhelete tse sa tswa hlahiswa di ne di tshehetsa batho ba futsanehileng le ho thibela tlala3. Batho ba fetang dimilione tse 30 ba phelang malapeng ao haholoholo a etelletsweng pele ke basadi ba tla ameha hampe.

Ho ya ka Molaodi wa Phethahatso wa amandla.mobi, Koketso Moeti, ‘’ho tla jwang hore mmuso o fumane R10.5 bilione ho thusa Mokgatlo wa Difofane wa Afrika Borwa, empa o sitwa ho fumana tjhelete ya ho tshehetsa batho le malapa a sokolang ka hara naha? KAPA Ntle le mehala e dikete e tswang ho ditho tsa rona ho ya ho Botshwara-Matlotlo e hlalosang hore na ditlatsetso di bohlokwa hakae maphelong a bona dinakong tsena tse thata, mmuso o hlakola ditlatsetso. Empa re tla tswela pele ho lwanela dikeketso tsa dithuso tsa ditjhelete hore ho se be le motho Afrika Borwa ya tla lapa mme bohle ba phele ka seriti,’’

Mothaothi ya tlase Tlou Seopa o re, ‘’ka ho se etse hore tlatsetso ya Thuso ya Ditjhelete ya Tshehetso ya Bana (CSG) e be ya moshwelella le ho atolosetswa ho ngwana ka mong, leano la mmuso la dithuso sa ditjhelete le kgahlanong le basadi le bafutsana’’

Ditho tse fetang 500 000 tsa amandla.mobi, haholoholo basadi ba Batsho ba futsanehileng, ba ile ba saena matsholong a rona ba batla hore mmuso o eketse tjhelete ya CSG le ya batho ba penshene. Ba tla tswela pele ho pheella keketso, hobane ba lwanela ho boloka malapa a bona a fepehile. Jwalo ka ha e mong wa ditho tsa rona a ile a re ngolla, ‘’Ke nahana hore ke ntho e hlabisang dihlong ho tlosa tlatsetso. Ke nna feela mohlokomedi wa bana ba 2, e mong wa bona o holofetse ebile le monna wa ka ha a kgone ho tloha betheng. Tlatsetso e nthusitse haholo ho bea dijo tafoleng.’’

Bakeng sa tlhahisoleseding e nngwe le ho botsa dipotso:

Koketso Moeti

Amandla.mobi: Molaodi wa Phethahatso
Sele: +27 82 583 5869
Imeile: koketso@amandla.mobi

Tlou Seopa
Amandla.mobi: Mothaothi
Sele: +27 81 761 5326
Imeili: tlou@amandla.mobi

Share the Post:

Related Posts