Le pele ho COVID-19, palo e kgolo ya baahi ba Afrika Borwa e ne e sokola ho iphedisa, ke ka lebaka leo ba neng ba batla hore tjhelete ya dithuso e eketswe ho lefella ditlhoko tsa mantlha. Ho amandla.mobi, matsholo a rona a ho batla tjheke ya bo13 bakeng sa Bonkgono le keketseho ya R500 bakeng sa Thuso ya Tjhelete ya Tshehetso ya Bana a saennwe ke batho ba fetang 500K.
Ditlatsetso tsa nakwana tsa ho thusa baamohedi qalong ya mokwallo wa COVID-19 e bile ditaba tse monate ka lebaka la tebello ya ho eketseha ha tlhokeho ya mesebetsi le ditjeo tse ntseng di phahama. Leha Coronavirus e ntse e na le rona, ditlatsetso ha di jwalo, di siya bana ba bangata, Bonkgono, bomme le ba sa sebetseng ba ntse ba phela ka tsela e itseng.
Ka mosebetsi wa rona le ditho tsa rona le mekgatlo ya balekane, re kopana le batho ba mmalwa ba amehileng ho kenyelletswa Bonkgono, baamohedi ba CSG le ba hlokang mesebetsi. Kaha mathata a baahi ba tlwaelehileng ba Mzansi, ka bomadimabe, a ntse a ata, dipale tsena di hloka ho ba karolo ya dipuisano tsa setjhaba mme metjha ya ditaba e ka nka karolo ya bohlokwa ho ngola ka bofuma le ho se lekane ha ditjhelete tsa dithuso.
Jwalokaha Nkgono Fikile Gumede a boletse, “Tjhelete ha e a lekana. Ha ke kgone ho ithekela diaparo kapa ho rekela ditloholo tsa ka. O reka raese, ditapole le phofo ebe tjhelete e fedile. Ke re le hona jwale, ha ke na tjhelete ya ho rekela ditloholo tsa ka diaparo tsa Keresemese. Ke re le tjhelete ha e leshwe ka nako. Re kopa mmuso hore o re utlwe.”
Haeba o ka ba le thahasello ya ho bua le bonkgono, re ka thabela ho o hokahanya le bona.
Bakeng sa tlhahisoleseding le ho botsa dipotso:
Tlou Seopa
Amandla.mobi: Mothaothi
Sele: +27 81 761 5326
Imeile: tlou@amandla.mobi