Ka la 8 Phato amandla.mobi mmoho le Sonke Gender Justice ba ile ba leka ho fana ka letsholo, le tsheheditsweng ke batho ba fetang 3,000, ba etsa kgoeletso ya boitlamo ho ntshetsopele le ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Lewa wa Naha mabapi le Dikgoka tsa Bong (GBV).
Letona le ne le le teng ho ‘SheEO Sleepout’ ka letsatsi leo letsholo le neng le tla etswa ka lona. Ho latela websaete ya yona, ‘SheEO Sleepout’ e ne e ikemiseditse “ho etsa tlhokomediso, ho kgothaletsa ho nka karolo le ho susumetsa setjhaba ho tshehetsa le ho matlafatsa ditjhaba tse tlokotsing”. Letona Susan Shabangu ho tlalehwa a ile a kopa hore sebaka le letsatsi di fetolwe e le hore ketsahalo eo “e ka sebediswa e le sesebediswa sa ho hlokomedisa batho ka dikgoka tsa bong”.
“Letona, le filweng boikarabelo ba ho tshehetsa bapholohi ba GBV le lokela ho etsa ho fetang feela ho hlokomedisa batho. Le lokela ho sebedisa matla a lona a setheo ho arabela tsietsi e tobaneng le basadi,” ho boletse Koketso Moeti, molaodi wa phethahatso wa amandla.mobi.
Ho hlakile hore batho ba hlohlelleditswe, diketekete di tshehetsa kgoeletso ya mekgatlo e kang Sonke Gender Justice e ntseng e etelletse pele taba ena.
Re a tseba hore Lefapha la Basadi le tla tshwara dipuisano mabapi le GBV le hore moelelo wa mohopolo ona o bolela hore dikgoka kgahlanong le basadi ke ntho e tlang pele Lefapheng la hae, e leng ntho e fapaneng haholo le eo a e buileng nakong e fetileng. Empa ka nako e tshwanang, re boetse re ela hloko hore diketso tsa lefapha di nnile tsa hanana le sena le hore le boetse ha e nkwe ka potlako e lokelang ho ba teng.
“Le hoja re ile ra hanelwa ho kena Constitutional Hill ho isa letsholo ho Letona, re tla tswela pele ho etsa kgoeletso ho lefapha ho netefatsa phano ya ditshebeletso tse betere bakeng sa mahlatsipa a dikgoka, ho lokisa ntlha ya bohlokwa ya thibelo ya mantlha ya GBV le ho qadisa ka mananeo a thibelo a lokisang ditlwaelo tse kotsi tsa bong le dikgoka tsa banna” ho boletse Koketso Moeti.
“Nako e ntse e tsamaya bakeng sa maphelo a basadi, ho hlakile haholo hore ho hlokahala ho fetang ho tlhokomediso. Jwaloka ha tlaleho e nngwe le e nngwe ya mosadi ya bolailweng ke monna e bontsha, diphetho tsa ho se etse letho di a bolaya” ho phethela Moeti.
Qetelle/
Bakeng sa tlhahisoleseding e nngwe le ho botswa dipotso, ikopanye le:
Koketso Moeti
082 583 5869
koketso@amandla.mobi