Ke nako ya matsete a tebileng ho tjhelete ya penshene ya batsofe
Ka Koketso Moeti
* Maikutlo ana a mohlophisi a ne a phatlaladitswe qalong ke Daily Maverick.
Ha ditho tsa Palamente di theohela khapeteng e kgubedu bakeng sa Puo ya Boemo ba Naha ya selemo le selemo (SONA), bapenshenara ho tswa Pietermaritzburg Pensioners Forum ba ile ba ema ka ntle ka tshepo ya ho isa letsholo la bona ho Mopresidente. Ba ne ba etsa kgoeletso ya hore penshene e nyollelwe ho R2 500 ka kgwedi bakeng sa hajwale, e le mohato o lebisang ho ho e lekanya le Moputso o Tlase wa Naha o ekeditsweng le ho ya ho moputso o phedisang. Ba boetse ba batla hore bapenshenara ba fumane tjheke ya bo-13 ka Tshitwe e nngwe le e nngwe.
Ho hlakile hore ena ke mohato o hlokahalang ho netefatsa seriti le bophelo bo botle ba batho ba dimilione naheng ya rona.
Ketso ena e tlile kamora hore bapenshenara ba ngolle Mopresidente le Letona la Ditjhelete ho tswa botebong ba dipelo lengolo le bulehileng le qaqisang dikopo tsa bona, le latelwa ke leeto la ho ya Cape Town ho ya etsa ditlhahiso ho komiti ya ditjhelete Palamenteng. Mangolo a mangata a yang ho basebetsi ba mmuso le boradipolotiki ha a a ka a arajwa ha bapenshenara ba buella nyewe ya bona.
Ha mabaibai le bokgabane tsa SONA di ntse di tswela pele, basadi ba ileng ba ema ba tiile ba bile kgopotso e matla ya maemo ao – le ba bang bapenshenara ba dimilione tse 3.5 – ba tobaneng le ona. Batho bana ba pensheneng ba ne ba kenyelletsa Dineo Makgema ya dilemo tse 67, ya dulang le ditloholo tsa hae tse nne mokhukhung o diphaposi tse pedi, se seholoholo ho tsona se le sehlopheng sa 10. Mokhukhu o dutla hampe nakong ya dipula, empa hangata ba tlameha ho kgetha dipakeng tsa ditokiso kapa dijo. Ka tshisinyo ya ho nyolla tjhelete ya penshene ho ya ho moputso wa boiphediso, Makgema o ne a tla kgona ho fepa lelapa la hae, leo ka Pherekgong e ka bang R3,234.25, le ho ba le tjhelete e lekaneng e setseng bakeng sa ditlhoko tse ding tsa mantlha, ho kenyelletswa ho lokisa marulelo a dutlang.
Ka Phupu ngwahola, Makgema o ile a tshwarwa ke seterouku se lemaditseng lehetla la hae. O tla etswa opareishene hamorao kgweding ena, empa o tshwenyehile hore a ke ke a kgona ho etswa seo kaha ditloholo tsa hae ha di na motho ya di hlokomelang. Batswadi ba bana, bana ba Makgema, ba nyametse ha e mong a hlokahetse. Ntle le penshene ya botsofadi ya Makgema, eo hangata e sa ba lekaneng, malapa a kang la hae a boetse a itshetlehile ka mosa wa ba bang – jwaloka matitjhere a fang ditloholo tsa hae diyunifomo tsa sekolo.
Boiphihlelo ba Makgema bo maswabi ha bo a ikgetha. Datha ho tswa Lefapheng la Dipalopalo la Afrika Borwa (Stats SA) e bontsha hore “malapa a ka bang karolo ya nngwe-borarong (32.5%) a etelletsweng pele ke batsofe a na le ditho tse hlano kapa ho feta,” mme halofo ya tsona e dula malapeng a se nang motho e moholo ya sebetsang. Taba ena ya malapa a etelletsweng pele ke batsofe ke sesupo sa kamoo batsofe ba tswelang pele ho jara boikarabelo ba moruo wa setjhaba ho hlokomela malapa a bona. Morwalo ona o jarwa ka ho kgetheha ke basadi, bao ho ya ka datha eo, ba fumanweng ba na le hona ho feta banna ho aba penshene ya bona hara ba lelapa. Ho latela Saveyi ya 2016 ya Stats SA, palo ya malapa a etelletsweng pele ke basadi e eketseha ho tloha dilemong tse 70 ho ya hodimo, mme ho bafepi bana, hoo e ka bang 67% ya meputso ya bona e a etswa,
e hloka ho fetela ka nqane ho ho nkwa e le mokgwa feela wa hore bafutsana a phele. Hobane dipenshene di sebetsa mosebetsi o tshwanang le wa moputso mme di tlisa tjhelete malapeng, di lokela ho bonwa e le kgonahalo ya kgodiso moruo bakeng sa ntshetsopele ya moruo wa lehae eo ho lokelang ho tsetelwa ho yona.
Empa ha se feela ka kgolo ya moruo – melemo ya ho eketsa penshene ya batsofe le ho qadisa ka tjheke ya bo-13 bakeng sa bapenshenara e tla fetola maphelo a dimilione ka ho ntlafatsa boleng ba maphelo bakeng sa dimilione. Ka puo ya moraorao ya bajete ya Afrika Borwa, Letona la Ditjhelete le lahlehetswe ke monyetla wa ho phatlalatsa mehato e matla ya ho etsa hore sena se etsahale. Phenshene ya batsofe e ile ya eketswa ka R80 e swabisang, e leng 4.7%, le ka tlase ho boleng ba ranta ba R100 keketsong ya ngwahola.
Bakeng sa ho qotsa ditshita tsa ditjhelete e le lebaka la ho se rarolle mathata a batho ba amohelang penshene, ho ka etswa boiteko ba ho beha pele mokgwa oo ditjhelete di sebediswang ka ona. Sena – se kopane le keketso ya Lekgetho la Lekeno la Dikgwebo (CIT) le ntseng le theoha butlebutle ka dilemo; ho hlahiswa ha lekgetho la leruo – mmoho le moralo wa tshebetso o potlakileng wa ho thibela dikgwebo tse sa ikobeleng tefo ya lekgetho ke ditsela tse ding tseo lekeno la ho etsa sena le ka hlahiswang ho thusa tsa ditjhelete tsa setjhaba. Tholani Ngubane ya dilemo di 75, ya hodisang ditloholo tse tsheletseng, ke yena feela mofepi wa lelapa la hae. Tjhelete ya penshene ya botsofadi ke mokgwa wa hae o tsitsitseng wa ho fumana tjhelete, empa ha e a atamela ho lekana, mme hangata o tlameha ho batla “matokgo” a ho etsa mosebetsi wa malapeng.
Ehlile, ba bang ba tla pheha kgang ya hore ho eketseha ha penshene ya batsofe ho ke ke ha kgoneha, ha ho shejwa boemo ba ditjhelete ba Afrika Borwa. Leha ho le jwalo, jwalo ka ha ho bontshitswe ke foramo ya bapenshenara ya Pietermaritzburg, “ho fa bapenshenara bohle ba 3,5-milione bonase ka Tshitwe 2018 ho ne ho tla bitsa tjhelete e ka bang R5.8-bilione, e batlang e lekana le R5.57-bilione e beilweng pele bakeng sa di-e-toll” . Ba boetse ba lemoha hore, “ke ntho e molemo hore tjhelete e kene ka ho toba dipokothong tsa Maafrika Borwa ho thusa bapenshenara ba dimilione tse 3.5 le malapa a bona mme e sebetse e le kgodiso ya moruo ka ho tlisa tjhelete moruong wa lehae ho feta hore dibilione di ye ho tsamaiso ya di-e-toll moo boholo ba tjhelete eo bo tla ya mose ho mawatle, ho fapana le ho kgutlela mmusong ka ditsela tse fapaneng ka Lekgetho le Kenyelleditsweng Thekong (VAT), diphetho tse ntlafatseng tsa thuto le bophelo bo botle, phallo e eketsehileng ya tjhelete makeisheneng le maemo a tlase a dikoloto bakeng sa dimilione tsa Maafrika Borwa”.
Boemo bona bo tiiswa ke dipatlisiso tse bontshang hore ho nyolla karolo ya meputso ya bafutsana ho molemo bakeng sa kgolo ya moruo. Sehlopha sa toka ya moruo, Toka ya Moruo le Seriti tsa Pietermaritzburg (PMBEJD), se phehile kgang ya hore kutlwisiso ya dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba tse kang penshene ya batsofe
Maemo a malapa a kang a Dineo Makgema le Tholani Ngubane a tiisa bohlokwa ba ho pheella mekgwa e potlakileng ya ho latela ditsela tsa ho etsa hore ho be le thuso e utlwahalang ya moruo ho malapa a sokolang ho iphedisa.
Koketso Moeti o na le nalane e telele boitsekong ba setjhaba mme ka dilemo tse ngata o sebeditse mateanong a puso, dikgokahano le mehato ya baahi. Ke molaodi wa phethahatso wa mothei wa amandla.mobi. Ka 2019 o ile a phatlalatswa e le Atlantic Fellow for Racial Equity. O boetse ke mphato wa Obama Foundation ya pele le Mphato e Moholo wa Aspen New Voices. Mo latele ho Twitter ho @Kmoeti