Maiteko a mmuso a diphallelo a Covid-19 a swabisitse bafutsana

Karabelo ya mmuso ho COVID-19 e pepesitse dinnete tse mmalwa tse neng di le teng pele sewa se qala: maemo a phahameng a ho se lekane le maemo a phahameng a tlhokeho ya mesebetsi (hajwale a leng 30% mme ho nahanwa hore a tla nyolohela ho 50%).

Karabelo ya mmuso ho COVID-19 e pepesitse dinnete tse mmalwa tse neng di le teng pele sewa se qala: maemo a phahameng a ho se lekane le maemo a phahameng a tlhokeho ya mesebetsi (hona jwale a leng ho 30% mme ho nahanwa hore a tla nyolohela ho 50%). Motho a le mong ho ba tsheletseng o sebetsa lekaleng le seng la molao; hangata mesebetsi ena ke e sa tsitsang, e fela kapele ebile e lefa hanyane. Ha Mokwallo o ne o qala, mmuso o ile wa tsebisa mehato e fapaneng ya diphallelo, e neng e bonahala e le letshwao la kananelo mathateng a bafutsana. Leha ho le jwalo matsatsi a 100+ mokwallong, re qobelleha ho nahana hore na ebe mehato ya diphallelo ya mmuso e ne e le ya ba e hlokang kannete.

Re bile le katleho e itseng letsholong ho kopa mmuso ho eketsa tjhelete ya thuso ya tjhelete ya tshehetso ya bana (CSG) ka R500 bakeng sa dikgwedi tse 6 ngwana ka mong ho fa bahlokomedi tshehetso ya ditjhelete nakong ya sewa ho phetha ditlhoko tsa bana. Lefapha la ditshebeletso tsa setjhaba le ile la nyahlatsa tsebiso ya Mopresidente Ramaphosa ya ho eketsa CSG ho ngwana ka mong ya e amohelang, ho fapana le hoo la phatlalatsa keketso ya CSG ka mohlokomedi ka mong – kahoo, ho sa tsotellwe hore ho na le ngwana a le mong kapa ba bahlano ka lapeng, keketseho ya CSG ke R500.

Letlole la Inshorense ya ho Hloka Mosebetsi la Morero wa Thuso sa Basebetsi/Mohiri la Covid-19 (UIF Covid-19 TERS fund) le senyehile, le siya ba bangata ba le tlokotsing ya dinnete tse thata tsa moruo tsa ho hloka tjhelete. Ditsi tsa bophelo bo botle le tsona di imetswe, ka kgaello ya disebediswa tsa ho itshireletsa (hara mathata a mang), ho etsang hore basebetsi ba tlhokomelo ya bophelo bo botle ba tshohe ka tshireletseho ya bona, e leng ho bakang ditlamorao tse kotsi tse sa feleng ho basebetsi le bakudi. Ena ke mehlala e mmalwa feela ya kamoo tjhelete e sa fihlang ho bao e neng e lokela hore e reretswe ho fihla ho bona KAPA ya kamoo tjhelete e so fihle ho ba tlokotsing ka ho fetisisa. Sena se entse hore bafutsana ba lwantshane, ha mmuso, e leng sesosa, o ntse o sa ikarabelle.

Re ke ke ra dumella sena hore se tswele pele ho ba pale ya Afrika Borwa. Re hloka ho kopana ho bontsha mmuso hore re na le matla a kopaneng a ho tseka hore o sebetse molemong wa batho ba tlwaelehileng. Re hloka ho batla ponaletso le ho tsebahatsa mabapi le mehato e fapaneng ya diphallelo ya COVID-19 le ho sireletsa tjhelete e reretsweng ho fokotsa mathata a bafutsana.

Re ikemiseditse ka matsholo a tla bontsha boitlamo ba rona ba ho etsa hore mmuso o ikarabelle, ha re ntse re tobane le sewa sa COVID-19. Re tla be re batla ditokelo le polokeho tsa basebetsi ba bohlokwa, hobane haeba ba sireleditswe, kaofela ha rona re bolokehile. Re matla ka ho fetisisa le ho atleha haholo ha re kopane re le ngatananngwe. Ha re se ke ra wela lerabeng la mmuso la ho re arola ho re hapa. Amandla, awethu.

Share the Post:

Related Posts