Mesaeno ya batho ba 58 000 ba etsang kgoeletso ya ho atoloswa le ho eketswa ha thuso ya ditjhelete ya R350 ya SRD e fuweng moemedi wa Bopresidente.

Union Buildings, mesaeno ya batho ba fetang 58 000 ho tshehetsa ho atolosa le ho eketsa thuso ya ditjhelete ya R350 e neilwe moemedi wa Bopresidente.

Letsholo lena le dumellana le ditseko tse etswang ke mekgatlo e mengata e kang Black Sash tsa hore thuso ya ditjhelete ya R350 ya SRD e eketswe ho ya ho bonyane moedi wa bofuma ba dijo wa R585 ka kgwedi, ho fa bahlokomedi ba fumanang tjhelete ya bana, ho lekola botjha mekgwa e boima le e thata e qhelelang batho ba bangata thoko ho fumane thuso ya tjhelete. Lengolo la ditletlebo le boetse e kopa hore thuso ya ditjhelete ya R350 e bolokwe ho fihlela e fetolwa ho ba Tshehetso ya Moputso wa Motheo (BIS) ya R1 268 ka kgwedi bakeng sa batho ba dilemo tse 18-59 ba nang le lekeno le lenyane kapa ba se nang letho.

Mafelo a Mmesa a ka bolela pheletso ya R350 ya Kimollo ya Setjhaba se Tsietsing (SRD) bakeng sa batho ba akanyetswang ho 6 milione. Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba Lindiwe Zulu o tlalehwa a kopile Botshwara-Matlotlo ba Naha ho eketsa thuso ya ditjhelete ya R350. Mopresidente Ramaphosa o tlasa kgatello e ntseng e eketseha ya ho nka kgato. Sinah, e mong wa ba saenneng letsholo, o re: “Tjhelete ena ha e a lekana, empa e ka etsa phapang ditjeong tsa bophelo. Batho ba bang ba ile ba fellwa ke mesebetsi ka lebaka la sewa sena, kahoo tjhelete ena e nyane ya thuso e ile ya thusa malapa a bona.” Motshehetsi e mong, Donovan, o re: “Ke saenne hobane ke bone kamoo batho ba tsielehileng kateng bakeng sa thuso ena, ba ema meleng e metelele puleng kapa motjhesong. Ba a e hloka.”

“Tshehetso bakeng sa katoloso le keketso ya thuso ya ditjhelete ya R350 ya COVID SRD e bile ngata haholo, e leng se bontshang hore ke malapa a makae a itshetlehileng ka thuso ena. Haeba Mopresidente Ramaphosa a sa mamele, malapa a dimilione a ka sokola le ho feta ho iphedisa” ho bolela mothaothi wa amandla.mobi Tlou Seopa.

Ho ya ka Black Sash, batho ba ka bang dimilione tse 10 ba ile ba etsa kopo ya thuso ya ditjhelete ya R350 ya COVID SRD. Hoo e ka bang dimilione tse tharo di ile tsa hanwa mme tsa bolela hore tebello ya mopresidente bakeng sa moruo o tsosolohang ka menyetla e meholo ya mesebetsi mafelong a 2021 e ne e se ya nnete hohang [1]. Sena se bontsha kamoo batho ba dimilione ba hlokang mesebetsi ba itshetlehileng ka thuso ena ba tla sala ba tsielehile ha thuso e fediswa.

Mesaeno e ile ya bokellwa eseng inthaneteng feela empa le ka SMS, WhatsApp, le mekgwa e meng e fumanehang.

Fumana letsholo mona: Atolosa le ho eketsa thuso ya ditjhelete ya R350 ya SRD ho fihlela e fetolwa ho ba Tshehetso ya Moputso wa Motheo: https://awethu.amandla.mobi/petitions/extend-incryase-r350-srd-grant-until-it-s-turned-into-basic-income-support

Letsholo le ka boela la saenwa ka ho romella lebitso la hao ka Please Call Me, SMS kapa WhatsApp ho 0621776937.

Bakeng sa tlhahisoleseding e nngwe le ho botsa dipotso:

Dineo Rabaholo

Mothaothi wa amandla.mobi

Sele: 081 461 3651

Imeile: dineo@amandla.mobi

Tlou Seopa

Mothaothi wa amandla.mobi

Sele: 081 761 5326

Imeile: tlou@amandla.mobi

[1] Black Sash e etsa kgoeletso ya ho nyollwa ha thuso ya ditjhelete ‘e sa lekanang’ ya R350 ya Covid-19, Ernest Mabuza bakeng sa TimesLive, 12 Hlakola 2021.

Share the Post:

Related Posts