Mokete wa WineX wa Rand Merchant Bank o qala ka Laboraro, la 26 Mphalane 2016 Setsing sa Diboka sa Sandton moo Robertson Winery e tla bontsha dihlahiswa tsa yona – ka letsatsi lona leo le tla qeta beke ya bo-9 ya seteraeke sa basebetsi ba Robertson Winery bakeng sa moputso wa boiphediso.
Basebetsi hajwale ba fumana meputso e pakeng tsa R2,900 – R3,500 pele ho hulwa. Sena se naheng eo ho jang R3,027 ka kgwedi ho fepa lelapa la batho ba bahlano ka dijo tse nang le phepo e nepahetseng ntle le ho kenyelletsa ditlhoko tse ding tse kang thuto, matlwana le dipalangwang.
“Ke tlontlollo ho basebetsi hore Rand Merchant Bank e tshehetsa meputso ya bokgoba, ha basebetsi ba entse kgoeletso ho setjhaba ho tshehetsa ntwa ya bona,” ho bolela Molaodi ya Phethahatso wa amandla.mobi, Koketso Moeti.
Haholoholo sena se tla kamora hore mabenkele a mang a Denmark a tlose diveine tsa Afrika Borwa dishelefong tsa bona, kamora ho hlahlojwa ha dotjhumenthari e mabapi le maemo a basebetsi ba mapolasing a Afrika Borwa. Bitter Grapes – Slaver in the vineyards, qaqisa ditlolo ya melao ya basebetsi le maemo a basebetsi.
“Ha ho nahanehe hore mekgatlo dibakeng tse ding e hana ho tshehetsa tlatlapo, ha dikhamphani tse theilweng Afrika Borwa di sa kgone ho etsa se tshwanang mme di tswela pele ho fa batho ba bokellang leruo ka tlatlapo dithala tse kang ena,” ho eketsa Moeti.
Ho boetse ho tshosa haholo kaha CEO wa RMB Holdings le RMI Holdings, Herman Bosman, e le e mong wa ba saenneng boitlamo ba di-CEO bo bolelang hore ba tla ema kgahlanong le ho hloka toka le bakeng sa “toka ya setjhaba le diphetoho e le hore Afrika Borwa e be naha ya nnete ya bohle ba phelang ho yona”.
Ka ho ba le Robertson Winery e le karolo ya WineX, bomenemene ba ba saenang boitlamo bo a senoleha kaha dikhamphani tsena di hloleha ho phethisa mantswe a tsona, di a hlokisa moelelo.
Sheba letsholo mona.
Qetelo/
Bakeng sa tlhahisoleseding e nngwe le ho botsa dipotso, ikopanye le:
Koketso Moeti
082 583 5869
koketso@amandla.mobi