NHI bakeng sa batho e bohlokwa ebile e ka kgoneha

*Ditaba tsa moraorao* Re leboha ditho tsohle tsa rona le balekane ba rona. Mmoho, re kentse ditlhahiso tsa setjhaba tse fetang 170,000 tse kopang NHI e sebeletsang batho. Ona ke mohato wa pele wa bohlokwa wa ho bopa phano ya tlhokomelo ya bophelo bo botle e nang le boleng bakeng sa bohle.

*Ela hloko hore re hlophisitse botjha le ho fetola tlhahiso ya rona tlasa dihlooho tse pedi tsa bohlokwa; boikarabello le mehlodi. Leha ho le jwalo, poso ya sethato ya blogo e ka fumanwa ka tlase *

O na le matla a ho bopa NHI ho fana ka tlhokomelo ya bophelo bo botle bo nang le boleng ho bohle. Empa re tlameha ho nka kgato hona jwale, re na le ho fihlela Labohlano la 29 Pudungwana feela, ho etsa hore mantswe a rona a utluwe. Romella tlhahiso ya hao mona: https://awethu.amandla.mobi/petitions/demand-an-nhi-that-works-for-the-people

Letona Zweli Mkhize o hlahisitse bili ya Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle (NHI) palamenteng [1]. E batla e rarahane, empa ha e le hantle NHI ke phetoho e ikemiseditseng ho ntlafatsa tsela eo mehlodi ya tlhokomelo ya bophelo e ajwang ka yona, ho na le ho ba le tsamaiso e le nngwe bakeng sa barui le e nngwe bakeng sa bafutsana, jwaloka ha re etsa hona jwale.

Mohlala; hajwale, haeba mosebeletsi wa malapeng wa Alexandra a ka kula, o tla tlameha ho ema moleng o molelele tliliniking ya lehae ya setjhaba, athe ba dulang Sandton ka thuso ya bongaka ba ka fumana tlhokomelo ya bophelo bo botle hanghang. Empa tlasa NHI, ho ka ba le tjhelete e ngata bakeng sa bophelo bo botle, kahoo tliliniki ya setjhaba e Alex e ka ba le dinako tse kgutshwane tsa ho leta ka lebaka la dingaka tse ngata. Haeba tliliniki ya setjhaba e Alex e se na setsebi, tliliniki e ka fetisetsa mosebetsi wa malapeng ho setsebi se haufiufi. Leha setsebi sena se le sepetleleng sa poraefete Sandton, letlole la NHI le tla lefella sena.

1) Boikarabello

– Mehato ya bohlokwa ya ho emisa bobodu, ho eketsa boikarabello le ho emisa ho hatjwa
Ho se lekane le bobodu di hokahane, mme naheng ya SA, bobodu ke karolo ya lekala la poraefete le la setjhaba ka bobedi. Maano a moruo a tiileng le a bolokang tjhelete ha a no fokotsa ho se lekane, empa mehopolo e tswetseng pele jwaloka NHI e ka fokotsa ho se lekane ha e etswa hantle. Empa sena se tla fihlellwa feela ha letlole la NHI le ikarabella mme le ke ke la hatjwa ke lekala la mmuso kapa la poraefete. Tshebetso ya tumello e hloka ho tsamaellana le sepheo sa NHI sa ho sebeletsa batho, le ho fana ka ditshebeletso tsa bophelo bo botle tse kgotsofatsang ditlhoko tse bontshitsweng tsa bophelo bo botle.

– Ponaletso
Setjhaba le baahi ba tlameha ho kgona ho fumana tlhahisoleseding ka potlako le ka mokgwa o bonolo mahala mabapi le ditshebetso tsa NHI, diqeto, ditshebedisano, dikonteraka, jj. Ponaletso e tlameha ho ahwa ntlheng e nngwe le e nngwe ya NHI e le hore bobodu le mathata a mang a ka hlwauwa ka potlako le ho rarollwa.

– Phethahatso e Atlehang
Re na le melao, maano le melawana tse ngata tse matla, empa ho kenngwa tshebetsong ho bohlokwa. NHI e tla hlahisa diphetoho tse kgolo tsamaisong ya rona ya bophelo bo botle, tsena di tlameha ho laolwa ka nepo le diphetoho di etswe ho rarolla mathata a ka hlahang. Jwalo ka ha karolo ya 27 e bontshitse, “… kamoo bili e leng kateng, re tlisa ho thewa ha ditheo tsena tse ntjha ho ba molao, ho se na mokgwa wa ho furalla haeba di hloleha, mme ntle le dipehelo tsa phetoho tse ka sitisang phethahatso le ho dumella ho ithuta”. Sena se bolela hore ho tlameha ho be le ditsela tsa ho lekola ditsamaiso tse ntjha le ditheo pele di saenelwa hore e be molao. Sena se ka bolela hore boto ya ditletlebo e lokela ho thewa e le hore bakudi le basebetsi ba ka tlaleha mathata.

– Sebopeho sa Boto le dikomiti
Bili ya NHI e fa letona la bophelo bo botle matla a ho kgetha boto a le mong feela, mme le boto ba kgethe dikomiti tse mmalwa ho sebeletsa NHI. Sena se fa letona matla a mangata haholo mme ha se ba sireletse ho tshusumetso e sa lokelang. Setjhaba se tlameha ho ba le mekgwa e lekaneng le boemedi bo lekaneng botong le dikomiting ho thibela letlole la NHI ho hatjwa ke dikhamphani tse meharo, barui, boradipolotiki ba bobodu kapa balaodi ba se nang boikarabello. Puso e nepahetseng e bohlokwa ebile e bolela hore matla a tlameha ho arolwa.

– Laola lekala la poraefete la bophelo bo botle
Ka tlaleho ya moraorao ya khomishene ya tlhodisano [2] e bontshang monopholi e meharo e teng lefapheng la poraefete le ho phahamiswa ha ditheko ho amohang bakudi tlhokomelo e lokileng; ho bohlokwa hore lekala la poraefete le fuwe melawana e thata. Phihlello ya ditshebeletso lekaleng la poraefete bakeng sa setjhaba sohle ka NHI ha e a tshwanela ho nkwa e le e tshehetsang lekala la poraefete e le boikgethelo bo phahameng [5]. Ho feta moo, Bili ya makgaolakgang le melawana efe kapa efe ha di a tlameha ho ba le dikgeo tseo lekala la poraefete le ka di sebedisang molemong wa phaello le ho nyenyefatsa NHI.

– Ntlafatsa ditshebeletso tsa bophelo bo botle
Mmuso o tlameha ho teka moralo wa kamoo o tla lokisa ditsi tsa bophelo bo botle tsa hajwale kateng ho etsa bonnete ba hore di na le disebediswa le ho kgona ho sebetsana le ditlhoko tsa bophelo bo botle ba setjhaba. NHI e tlameha ho ntlafatsa lekala la rona la setjhaba la bophelo bo botle le la poraefete ka ho qobella Maemo a Naha a Bohlokwa le Lenaneo la Tliliniki e Phethahetseng. Ditsi tsa rona tse ngata tsa bophelo bo botle hajwale ha di fihlelle ditlhoko tsa lefapha la bophelo bo botle [5], ha ditsi tse ngata tsa poraefete di tsepamisitse maikutlo ho phaello, eseng bophelo bo botle. Bili ena e tlameha ho netefatsa hore ditsi tsa bophelo bo botle tsa setjhaba tse nang le bokgoni di tla ama phethahatso ya tlhokomelo ya bophelo bo botle ya mantlha. Ditliliniki tsa rona le dibaka tse ding di hloka ho ba le bokgoni ditabeng tsa bohlweki, taolo le phihlello. Ditokelo le seriti tsa bakudi, basebetsi le setjhaba ka bophara, di tlameha ho netefatswa, ​​moo ditsamaiso tsa rona tsa bophelo bo botle di hlolehang ho etsa sena, ho tlameha ho be le kgato e potlakileng empa e se na leeme ho lokisa diphoso dife kapa dife le ho netefatsa hore mathata ha di etsahale kgafetsa.

– Ha ho motho ya seng molaong
Ke tshehetsa hore NHI e etse tokisetso bakeng sa batho ba batlang botshabelo le bajaki ba se nang ditokomane ba amohelang “(a) ditshebeletso tsa bongaka tsa tshohanyetso le (b) ditshebeletso bakeng sa maemo a tsebisahalang a ngongoreho ya bophelo bo botle ba setjhaba”. Leha ho le jwalo, e ba siya ba le tlokotsing maemong a mathata a tebileng a bophelo bo botle, hammoho le ho se ba fe seriti ha ba kula. Afrika Borwa ha e a tlameha ho jara maano a Lehloyo la Matswantle, mme ho bohlokwa hore NHI e se bonwe e le sesebediswa se seng se sebediswang ho siya bajaki ba le tlokotsing le kotsing. Bili ena ha e a lokela ho bua ka bajaki ba se nang ditokomane e le ba seng molaong, mme e dumelle phihlello ya ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo bo botle tsa mantlha ho bohle eseng bana feela.


2) Mehlodi e meng, bokenadipakeng le ditshebeletso ho ba hlokang haholo

– Tsamaiso ya molefi a le mong e nang le tefo ya pele ho tshebediso e tlamang:
Ke dumela hore barui ba tlameha ho lefa karolo ya bona e nepahetseng mme re tlameha ho fedisa dithuso tsa bongaka le dikhamphani tsa poraefete tse etsang phaello. Tsamaiso ya molefi a le mong e nang le tefo ya pele ho tshebediso e tlamang e tla thusa ho fihlela sena ka ho kopanya ditjhelete tsohle letloleng le bohareng leo ditshebeletso tsohle tsa bophelo bo botle di tla rekwa le ho leshwa ho tswa ho lona ka boomo, ho fihlela dipheo tse hlalositsweng tsa bophelo bo botle. Tefo ya pele ho tshebediso e tlamang e qobella e mong le e mong ho lefa karolo ya hae e loketseng letloleng lena le bohareng. Bongata ba moruo Mzansi bo ahilwe hodima tshebediso ya mobu wa rona le tlatlapo ya batho ba rona, kahoo barui ha ba a lokela ho itokolla ha ho ba loketse. Ho tshehetsa NHI ka ditjhelete, bonngwe ba nnete setjhabeng bo bolela hore mmuso le palamente di tlameha ho eketsa lekgetho la meputso ya batho le lekgetho la lekeno la dikoporasi. Ha dikhamphani di ne di sa lefe lekgetho ka nepo kapa di qoba ho lefa ka hohlehohle, rona batho re ile ra tlameha ho jara morwalo ka ho nyollwa ha VAT. Eseng hape.

Ho kopanngwa ha tsamaiso ya bophelo bo botle e dikarolo tse pedi:
Ke tshehetsa ho kopanngwa ha tsamaiso ya bophelo bo botle e dikarolo tse pedi e etsang hore batho ba bang ba be le ditshebeletso tsa bophelo bo botle ho feta ba bang. Ke tshehetsa letlole la NHI ho lefella ditshebeletso tsa bophelo ka kotloloho hore ho se be le basebetsi ba diprovense kapa ba kenang hare ba ka sebetsang jwaloka bareki ba ditshebeletso tsa bophelo bo botle.

– Ho eketsa ditsebi le basebetsi ba bophelo bo botle ba setjhaba
Re hloka basebetsi ba bophelo bo botle ba setjhaba ba eketsehileng, mme ba lokela ho etswa basebetsi ba moshwelella ba nang le taolo e matla. Basebetsi ba Setjhaba sa Bophelo bo Botle ba lokela ho ba karolo ya bohlokwa ya NHI le moo ditjhelete tsa yona di yang teng. Bongata ba ditsebi tsa bongaka hajwale bo sebetsa lekaleng la poraefete, mme ka NHI sena se tlameha ho fetoha. Phihlello ho mefuta e mengata e fapaneng ya ditsebi e tla fokotsa sekgeo dipakeng tsa lekala la bophelo bo botle la poraefete le la setjhaba. Ke tshehetsa hore motho e mong le e mong jwale o tla ba le monyetla wa ho fumana ditsebi tse ngata tse fapaneng tseo hajwale di kwaletsweng lekaleng la poraefete la bophelo bo botle.

– Sekgeo sa bophelo bo botle sa mahaeng/ditoropong
Moo o dulang teng ha ho a lokela ho ama boleng ba ditshebeletso tsa hao tsa bophelo bo botle. NHI e tlameha ho fedisa sekgeo sa bophelo bo botle sa mahaeng/ditoropong. Ditshebeletso tsa bophelo bo botle tsa mahaeng, ha e le hantle, di lokela ho tsepamiswa maikutlo haholo [3]. Sena se ka bolela ho aha ditliliniki tse ngata le ho reka diambolense tse ngata, hammoho le ntlafatso ya ditsi le disebediswa tsa hajwale.

– Thibelo e molemo ho feta pheko
Kenya tshebetsong Leibole E Ka Pele Pakeng, sutumelletsa Botshwara-Matlotlo ho eketsa Lekgetho la Phahamiso ya Bophelo bo Botle ho ya ho 20% le ho le atolosa ho kenyelletsa dino le dijo tsohle tse se nang bophelo bo botle. Fetisa Bili ya Taolo ya Kwae kamoo e leng kateng (Empa etsa bonnete ba hore e kenyelletsa Ditsamaiso tsa Phano ya Elektroniki ya Dikwae tse seng tsa Nikhothine tse se nang Nikhothine) e le hore re ka fokotsa morwalo hodima tsamaiso ya rona ya bophelo bo botle le bajete. Sena se tla etsa hore NHI e be le tjhelete e ngata ka ho thusa ho fokotsa mafu a sa tshwaetseng. Lekgetho la tswekere, kwae, ENNDS le bojwala le lona le ka thusa ho tshehetsa NHI.


[1] http://www.health.gov.za/index.php/nhi http://www.health.gov.za/index.php/national-health-insurance-right-menu?downlwad=3583: Bili-national-health-inshorense-2019

[2] O lefa tjhelete e ngata ho feta bakeng sa tlhokomelo ya bophelo bo botle ba poraefete mme o fumana hanyane, dipatlisiso tsa Khomishene ya Tlhodisano di a pepesa, Laura Lopez Gonzalez bakeng sa Fin24, 30 Loetse 2019.

[3] Ho ba le kapa ho se be le NHI, Louis Reynolds le David Sanders bakeng sa mokgatlo wa bophelo bo botle wa batho Afrika Borwa, Phato 2019.

[4] Mahlo ho NHI: Hobaneng NHI e lokela ho shebana le ho fokotsa ditjeo lekaleng la poraefete pele, John Ashmore bakeng sa Karolo ya 27, Mphalane 2019.

[5] http://ohsc.org.za/ohsc-annual-inspection-report-for-the-public-sector-health-establishments-inspected-during-the-2016-17-financial-year/

*Poso ya sethatho ya blogo ya manollo ya rona ya Bili ya NHI le seo e se hlokang hore e sebetse hantle le ho hatela pele*

Letona Zweli Mkhize o hlahisitse bili ya Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle (NHI) palamenteng. NHI ke “Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle (NHI) ke tsamaiso ya thuso ya ditjhelete ya tlhokomelo ya bophelo bo botle e reretsweng ho kopanya ditjhelete ho reka le ho fana ka -phumano ya ditshebeletso tsa bophelo bo botle tse nang le boleng, tse theko e tlase bakeng sa Maafrika Borwa kaofela ho ipapisitswe le ditlhoko tsa bona tsa bophelo bo botle, ho sa tsotellwe maemo a bona a moruo setjhabeng. [1]

E kopane le maikutlo a mangata a fapaneng a mabe ho tswa ho dithuso tsa bongaka le dihlopha tse kang AfriForum. Nnete ya rona ke hore kamehla, bongata ba Maafrika Borwa ha bo kgone ho fumana ditshebeletso tse nepahetseng tsa bophelo bo botle.

Dinako tse telele tsa ho leta, ho fela ha meriana ya bohlokwa, dikgaello tsa disebediswa le basebetsi hangata ke tlwaelo ditliliniking le dipetlele.  Mme ho ya ngakeng kapa sepetlele sa poraefete ho bitsa tjhelete e ngata haholo ebile ha ho fane ka tiisetso ya tlhokomelo ya boleng. Tlaleho ya khomishene ya tlhodisano e bontshitse hore leha o lefa haholo bakeng sa tlhokomelo ya bophelo bo botle ya poraefete, tshebeletso ha e kgotsofatse, mme e tsamaiswa ke dimonopholi  tse meharo tse etsang phaello e kgolo [2].

Ha e ka etswa hantle, NHI e ka ba mohato wa bohlokwa wa ho netefatsa tlhokomelo ya bophelo bo botle ya boleng bakeng sa bohle ka ho fana ka dingaka ditliliniking le dibakeng tsa tlhokomelo ya bophelo ba mantlha, hammoho le ho fana ka basebetsi ba bophelo bo botle ba setjhaba. E na le diphoso, jwalo ka ha ho bonwa ditsing tsa diteko, ke kahoo ho leng bohlokwa ho eketsa lentswe la hao ho e bopa ho emela hantle ditlhoko tsa bophelo bo botle tsa bongata ba Maafrika Borwa.

NHI e ka bolela pheletso ya qeto e sa kgoneheng eo Maafrika Borwa a lokelang ho e etsa, hore na ba ka beha dijo tafoleng kapa ho fumana tlhokomelo ya bophelo bo botle e hantle.

NHI ha e a tlameha ho hatjwa ke dithuso tsa bongaka kapa ba  ditjhelete ba meharo. Botebong ba ho se e amohele ha bona, ho bonahala ho na le lehloyo la ho fumana ditshebeletso tse tshwanang le tsa batho ba futsanehileng. Mmuso o boetse o tlameha ho ntlafatsa bokgoni ba ona ba ho kenya tshebetsong ditshebeletso, ntle le bobodu kapa tshehetso, ho etsa bonnete ba hore ho hloleha ha bona ha ho hape NHI.

Letona Zweli Mkhize o tlameha ho ela hloko hore 84% ya batho ba phelang ntle le thuso ya bongaka ba na le datha, nako le tjhelete tse nyane tsa ho etsa ditlhahiso tsa setjhaba, le hoja e le bona ba anngwang haholo ke NHI.

Bili ya NHI e a hlokahala, e tlameha ho sebeletsa batho ba bangata ba futsanehileng mme tsena ke tse ding tsa dintho tseo e tlamehang ho di kenyelletsa ho etsa seo:

●    Tsamaiso ya molefi a le mong e nang le tefo ya pele ho tshebediso e tlamang:

Barui ba tlameha ho lefa karolo ya bona e nepahetseng mme re tlameha ho fedisa dithuso tsa bongaka le dikhamphani tsa poraefete tse etsang phaello e ngata. Tsamaiso ya molefi a le mong e nang le tefo ya pele ho tshebediso e tlamang e tla thusa ho fihlela sena ka ho kopanya ditjhelete tsohle letloleng le bohareng leo ditshebeletso tsohle tsa bophelo bo botle di tla rekwa le ho leshwa ho lona, ho fihlela dipheo tse hlalositsweng tsa bophelo bo botle. Tefo ya pele ho tshebediso e tlamang e qobella e mong le e mong ho lefa karolo ya hae e loketseng letloleng lena le bohareng. Bongata ba leruo la Mzansi bo ahilwe hodima tshebediso ya mobu wa rona le tlatlapo ya batho ba rona, kahoo barui ha ba a lokela ho itokolla ha ho loketse bona. Mmuso o tlameha ho eketsa lekgetho la lekeno la meputso ya batho le lekgetho la lekeno la dikoporasi. Rona batho re ile ra tlameha ho jara ho nyoloha ha VAT.

●    Mehato ya bohlokwa ya ho emisa bobodu, ho eketsa boikarabello le ho emisa ho hatjwa

Ho se lekane le bobodu di hokahane, mme naheng ya SA bobodu ke karolo ya lekala la poraefete le la setjhaba ka bobedi. Maano a moruo a tiileng le a bolokang tjhelete ha a no fokotsa ho se lekane, empa mehopolo e tswetseng pele jwaloka NHI e ka fokotsa ho se lekane.  

Empa sena se tla fihlelwa feela ha letlole la NHI le ikarabella mme le ke ke la hatjwa ke lekala la mmuso kapa la poraefete. Mehato e kang taolo e ka netefatsa kananelo ya bafani ba ditshebeletso. Tshebetso ya kananelo e hloka ho tsamaellana le sepheo sa NHI sa ho sebeletsa batho, le ho fana ka ditshebeletso tsa bophelo bo botle tse kgotsofatsang ditlhoko tse bontshitsweng tsa bophelo bo botle. Setjhaba se tlameha ho ba le mekgwa le boemedi tse lekaneng ho thibela letlole la NHI ho hatjwa ke dikhamphani tse meharo, barui, boradipolotiki ba bobodu kapa balaodi ba se nang boikarabello.

●    Ho kopanya tsamaiso ya bophelo bo botle e dikarolo tse pedi

Re tshehetsa ho tloswa ha tsamaiso ya bophelo bo botle e dikarolo tse pedi e etsang hore batho ba bang ba fumane ditshebeletso tsa bophelo bo botle tse ntle ho feta tsa ba bang. Hape, re tshehetsa letlole la NHI ho lefa dibaka tsa ditshebeletso tsa bophelo ka kotloloho bakeng sa ditshebeletso hore ho se be le diprovense kapa batho ba bang ba mahareng ba sebetsang jwaloka bareki ba ditshebeletso tsa bophelo bo botle. Mmuso o tlameha ho teka moralo wa kamoo o tla lokisa ditsi tsa bophelo bo botle tsa hajwale kateng ho etsa bonnete ba hore di na le disebediswa le ho kgona ho sebetsana le ditlhoko tsa bophelo bo botle ba setjhaba. NHI e tlameha ho ntlafatsa lekala la rona la bophelo bo botle ka mehlodi e mengata, le ka Maemo a Naha a Mantlha le Lenaneo la Tliliniki e Phethahetseng.

●    Sekgeo sa bophelo bo botle sa mahaeng/ditoropong

Moo o dulang teng ha ho a lokela ho ama boleng ba ditshebeletso tsa hao tsa bophelo bo botle. NHI e tlameha ho fedisa sekgeo sa bophelo bo botle sa mahaeng/ditoropong. Ditshebeletso tsa bophelo bo botle tsa mahaeng, ha e le hantle, di lokela ho fumana keketseho e kgolo ya ditjhelete.

●    Ha ho motho ya seng molaong

Re tshehetsa hore NHI e etse tokisetso bakeng sa batho ba batlang botshabelo le bajaki ba fumanang tlhokomelo ya bophelo bo botle ya mantlha. Leha ho le jwalo, e ba siya ba le tlokotsing maemong a mathata a tebileng a bophelo bo botle, hammoho le ho se hlake mabapi le bajaki ba se nang ditokomane. Afrika Borwa ha e a tlameha ho jara maano a Lehloyo la Matswantle, mme ho bohlokwa hore NHI e se bonwe e le sesebediswa se sebediswang ho siya bafalli ba le tlokotsing le kotsing.

●    Thibelo e molemo ho feta pheko

Kenya Tshebetsong Leibole E Ka Pele Paketeng le ho eketsa Lekgetho la Phahamiso ya Bophelo bo Botle ho ya ho 20% mme o le atolose ho kenyelletsa dino le dijo tsohle tse se nang bophelo bo botle. Ho fetisa Bili ya Taolo ya Kwae hona jwale ho tla fokotsa morwalo hodima tsamaiso ya rona ya bophelo bo botle le ho bajete. Sena se tla etsa hore NHI e tsebe ho sebetsa hantle ditjheleteng.

●    Ho eketsa ditsebi le basebetsi ba bophelo bo botle ba setjhaba

Re hloka basebetsi ba bophelo bo botle ba setjhaba ba eketsehileng. Basebetsi ba tsa Bophelo bo Botle ba Setjhaba ba lokela ho ba karolo ya bohlokwa ya NHI le moo ditjhelete tsa yona di yang teng. Bongata ba ditsebi hajwale bo sebetsa lekaleng la poraefete, mme ka NHI ho na le monyetla wa ho fumana ditsebi tse ngata tse fapaneng kaha sekgeo dipakeng tsa lekala la poraefete le la setjhaba se fokotseha. Ke tshehetsa hore motho e mong le e mong jwale a be le monyetla wa ho fumana ditsebi tse ngata tse fapaneng kaha sekgeo dipakeng tsa lekala la poraefete le la setjhaba se fokotseha.

●    Laola lekala la poraefete la bophelo bo botle

Ka tlaleho ya moraorao ya khomishene ya tlhodisano [3] e bontshang monopholi o meharo o teng lekaleng la poraefete le ho nyolla ha ona ha ditheko ho amohang bakudi tlhokomelo e nepahetseng; ho bohlokwa hore lekala la poraefete le fuwe melawana e thatanyana. Phihlello ya ditshebeletso lekaleng la poraefete bakeng sa baahi bohle ka NHI ha e a tlameha ho bonwa e le e tshehetsang lekala la poraefete e le tsela ya boikgathelo e phahameng. Sena se kenyelletsa indasteri ya meriana.

[1]http://www.health.gov.za/index.php/nhi   http://www.health.gov.za/index.php/national-health-insurance-right-menu?downlwad=3583:bill-national-health-insurance-2019

[2] O lefa tjhelete e ngata bakeng sa tlhokomelo ya bophelo bo botle ya poraefete mme o fumana hanyane, dipatlisiso tsa Khomishene ya Tlhodisano di a senola, Laura Lopez Gonzalez bakeng sa Fin24, 30 Loetse 2019.

[3] Ho ba le kapa ho se be le NHI, Louis Reynolds le David Sanders bakeng sa mokgatlo wa bophelo bo botle wa batho Afrika Borwa, Phato 2019.

Share the Post:

Related Posts