Pontsho ya pele ya filimi ya LGBTIQ Under the Rainbow Afrika Borwa

Eba le moetsi wa difilimi wa lesiene wa Nigeria Pamela Adie ho AFDA e Braamfontein Werf ka la 12 Mphalane 2019, bakeng sa pontsho ya pele ya setjhaba e Afrika Borwa ya filimi ya dotjhumenthari ya hae, ‘Under the Rainbow’.

Le hoja ho na le matshwao a tswelopele, jwaloka ho fediswa ha molato ho batho ba bong bo tshwanang moraorao Botswana, bophelo ba setjhaba sa LGBTIQ dinaheng tse ngata tsa Afrika bo ntse bo le boima – esita le ho ba kotsi.

Sena ke seo Adie a se totobatsang le ho se phephetsa ka dotjhumenthari ya hae, e sebedisang leeto la hae la ho iphumana ho qala moqoqo ka ho tswa sephiring.

Pontsho e tla latelwa ke moqoqo le Adie, eo hajwale a amehang nyeweng kamora ho hana ho ngodisa mokgatlo wa hae, ‘Lesbian Equality and Empowerment Initiatives’ ka mabaka a ho lehloyo batho ba bong bo tshwanang.

O tla ba le Sibongile Ndashe, eo mokgatlo wa hae o emetseng Adie, hammoho le moitseki wa mokaubere Phumi Mtetwa. Mmoho ba tla hlahloba dintlha tse hlahisitsweng filiming le tlhokahalo ya bonngwe ba matjhaba, ba sebedisa nyewe ya Adie e le qalo.

Dotjhumentharing ena, Adie o bua ka boiphihlelo ba hae mme o bontsha babohi ka kotloloho hore ho ba lesbiene ke eng setjhabeng se sa tshwareleng se hloileng batho ba ratanang le ba bong bo tshwanang. E hlahloba ho qhelelwa thoko ho phethahetseng ho ka bang teng ha motho a dula a latela pelo ya hae – ho sonngwa, ho kgeswa le ho kotelwa ke ba o potileng ba ipolelang hore ba a o rata.

“Re thabile haholo ho tshwara mmoho pontsho le dipuisano le balekane ba dumellanang le rona ka makgabane. Ha se lekunutu hore amandla.mobi e na le tshekamelo ya matjhaba, kahoo ho rona ho bohlokwa hore re se ke ra tseba se etsahalang kontinenteng feela, empa hape le ho bula menyetla ya bonngwe ba matjhaba,” ho hlalosa Molaodi wa Phethahatso wa amandla.mobi, Koketso Moeti.

“Re lebelletse ho amohela Pamela, eo dotjhumenthari ya hae e leng seabo sa bohlokwa se tiisang boteng ba dilesbiene tsa Nigeria, bao hangata mathata a bona a etsahalang ka kgutso”, ho bolela Moeti.

Dintlha tsa pontsho ke tse latelang:

Letsatsi: 12 Mphalane 2019

Nako: 16:00

Sebaka: AFDA, 41 Frost Avenue, Braamfontein Werf

Under The Rainbow e ngotswe, ya tsamaiswa, le ho hlahiswa ke Pamela Adie, mme ya etswa ditshwantsho ke setsebi sa dibaesekopo se hapileng dikgau Oduseyi Asurf. Dintlhakgolo tsa filimi di ka shejwa Mona.

Temoso ho bahlophisi: amandla.mobi ke mokgatlo o ikemetseng, wa bobuelli ba setjhaba o batlang ho aha Mzansi e nang le toka le e matlafatswang ke batho.

Bakeng sa tlhahisoleseding e nngwe le ho botsa dipotso:

Koketso Moeti

Amandla.mobi: Molaodi wa Phethahatso

Sele: +27 82 583 5869

Email: koketso@amandla.mobi

Share the Post:

Related Posts