*Ntjhafatso* Re leboha ditho tsohle tsa rona. Re bokelletse tjhelete e fetang R35,000 bakeng sa Ofisi ya Keletso ya Basebetsi ba Nakwana.
E mong wa balekane ba amandla.mobi, Ofisi ya Keletso ya Basebetsi ba Nakwana (CWAO), diofisi tsa bona di ile tsa tlatlapuwa le ho tjheswa bosiung ba Mantaha wa la 2 Loetse [1]. Ena ke kotlo e kgolo ho mokgatlo o neng o eme mmoho le basebetsi ba nakwana ho lwanela seriti, ka ho fana ka tshehetso ya tlhophiso le dikeletso tsa mahala tsa molao. Selemong se fetileng feela ba ile ba hapa tlholo ya Lekgotla la Molaotheo kgahlanong le barekisi ba mesebetsi, ho netefatsa meputso e betere le melemo bakeng sa basebetsi [2].Metswalle ya rona ya CWAO e ikana hore e ke ke ya dumella tlhaselo ena ho emisa mosebetsi wa bona. Empa ba lahlehetswe ke dintho tsa bohlokwa haholo bakeng sa mosebetsi wa bona jwaloka dikhompiyutha, dihatisi le thepa ya ka tlung. Re sebeditse haufi le CWAO matsholong a mangata a bohlokwa, mme ka lebaka la bona, re fumane ditlholo tse ngata bakeng sa ditokelo tsa basebetsi. Re le setho sa amandla.mobi re ka etsa bonnete ba hore metswalle ya rona ya CWAO e tswela pele ho ba le tshusumetso ka ho kenya R20 motho ka mong mona: https://www.givengain.com/cc/cwao/ kapa latela mosebetsi wa CWAO ho Facebook. Haeba kaofela ha rona re fana ka hohle kamoo re ka kgonang, ho tla thusa haholo. Mmoho re ka thusa ho aha ofisi ya CWAO botjha le ho tshehetsa mosebetsi wa bona kgahlanong le lehloyo la matswantle/Maafrika.
*Ntjhafatso* Re leboha ditho tsohle tsa rona. Re bokelletse tjhelete e fetang R35,000 bakeng sa Ofisi ya Keletso ya Basebetsi ba Nakwana.
E mong wa balekane ba amandla.mobi, Ofisi ya Keletso ya Basebetsi ba Nakwana (CWAO), diofisi tsa bona di ile tsa tlatlapuwa le ho tjheswa bosiung ba Mantaha wa la 2 Loetse [1]. Ena ke kotlo e kgolo ho mokgatlo o neng o eme mmoho le basebetsi ba nakwana ho lwanela seriti, ka ho fana ka tshehetso ya tlhophiso le dikeletso tsa mahala tsa molao. Selemong se fetileng feela ba ile ba hapa tlholo ya Lekgotla la Molaotheo kgahlanong le barekisi ba mesebetsi, ho netefatsa meputso e betere le melemo bakeng sa basebetsi [2]. Metswalle ya rona ya CWAO e ikana hore e ke ke ya dumella tlhaselo ena ho emisa mosebetsi wa bona. Empa ba lahlehetswe ke dintho tsa bohlokwa haholo bakeng sa mosebetsi wa bona jwaloka dikhompiyutha, dihatisi le thepa ya ka tlung. Re sebeditse haufi le CWAO matsholong a mangata a bohlokwa, mme ka lebaka la bona, re fumane ditlholo tse ngata bakeng sa ditokelo tsa basebetsi. Re le setho sa amandla.mobi re ka etsa bonnete ba hore metswalle ya rona ya CWAO e tswela pele ho ba le tshusumetso ka ho kenya R20 motho ka mong mona: https://www.givengain.com/cc/cwao/ kapa latela mosebetsi wa CWAO ho Facebook. Haeba kaofela ha rona re fana ka hohle kamoo re ka kgonang, ho tla thusa haholo. Mmoho re ka thusa ho aha ofisi ya CWAO botjha le ho tshehetsa mosebetsi wa bona kgahlanong le lehloyo la matswantle/Maafrika.
Na ho ne ho lebisitswe ka ho kgetheha ho Ofisi ya Keletso ya Basebetsi ba Nakwana kapa e ne e mpa e le mahlatsipa a tlatlapo ya moraorao? Mothating ona ha ba na bonnete, empa ho na le matshwao a tshwenyang. O ka bala polelo e felletseng ya CWAO mona.
Dikhamphani tse meharo le ho se etse letho ha mmuso ho bakile hore basebetsi ba tlatlapuwe le ho sebetsa maemong ao ho seng motho ya lokelang ho ba ho ona. Empa CWAO e eme le basebetsi ho tshehetsa ntwa ya bona. Ba lwantshitse mekgwa e hlekefetsang basebetsi ya dinatla tsa matjhaba tse kang Heineken [3] le Pepsico [4]. Tlhaselo ena ha e a utlwisa CWAO feela bohloko, empa le Foramo ya Basebetsi ya Simunye, kopano ya basebetsi ba tswang dikhamphaning tse fapaneng tse tsamaiswang ke CWAO. Ha ho na setho leha se le seng sa amandla.mobi se ka nkelang sebaka seo Ofisi ya Keletso ya Basebetsi ba Nakwana e lahlehetsweng ke sona, empa seo re se hlokang leruong la motho ka mong, re se lokisa ka bongata. Ha re bontsheng hore bonngwe le basebetsi bo ka fihlella eng. O ka etsa nyehelo mona, kapa wa latela CWAO ho Facebook ho batla ditsela tsa ho tshehetsa mosebetsi wa bona.
Diketsahalo tsa beke e fetileng di siile ba bangata ba rona re maketse ho feta tlwaelo. Ke ka lebaka leo ho leng bohlokwa ho feta leha e le neng pele hore re kopane ntweng ya rona e kopanetsweng ya toka. Dula o mametse bakeng sa matsholo a mang ao re tla a qala.
[1] Ofisi ya keletso ya basebetsi mahlatsipa a boshodu Joburg. Zoe Postman bakeng sa GroundUp 4 Loetse 2019
[2] Fonaneng, barekisi ba mesebetsi: Dumelang, bafani ba ditshebeletso. Sarah Smit bakeng sa Mail &Guardian 10 Phato 2018
[3] Basebetsi ba Heineken ba a teraeka ka lebaka la maemo a bokgoba’. IOL 10 Mphalane 2018
[4] Ditaba di mosenekeng ho Simba ha basebetsi ba itokisetsa ho teraeka. Sarah Smit bakeng sa Mail & Guardian 17 Mmesa 2018