Vodacom e theola ditheko tsa datha

Vodacom e ile ya nka kgato tseleng e nepahetseng ha e ne e tsebisa hore e tla theola ditheko tsa datha ho tloha ka la 1 Mmesa mme phokotso ena ya theko ke ya pele feela.

Vodacom e ile ya nka kgato tseleng e nepahetseng ha e ne e tsebisa hore e tla theola ditheko tsa datha ho tloha ka la 1 Mmesa, mme phokotso ena ya ditheko ke ya pele feela. Ke marangrang a pele a ho dumellana le Khomishene ya Tlhodisano ho fapana le ho tobana le qoso. Sena se seholo.

Ditheko tsa dipakana tsohle di tla theoha haholo; mohlala, pakana ya datha ya 1GB ya kgwedi le kgwedi e tla tloha ho R149 ho ya ho R99, mme dipakana tse nyane tse sebediswang ke bareki ba fumanang meputso e tlase di tla theoha le ho feta. Mme ha se phetho; Vodacom e tla boela e fana ka pakana ya ditshebeletso ho bareki ba meputso e tlase, e kenyelletsang di-SMS tse 2 tsa mahala kamehla, ho se be le ditefiso diwebsaeteng tsohle tsa mmuso le ditshebeletsong tsa bohlokwa, hammoho le ditheolelo tsa motho ka mong ho bareki ba lefang pele ho tshebediso dibakeng tsa batho ba amohelang meputso e tlase. Mme ho etsahetse ka lebaka la hao. Letsholo la rona ha le so fele. Na o ka arolelana ditaba tsee e le hore re boloke sekgahla?

Ka dilemo tse ngata re ntse re hatella ba marangrang a diselefouno, mmuso le balaodi ho nka kgato ka theko e phahameng ya datha le kgethollo ya ditheko e neng e etsa hore bareki ba meputso e tlase ba lefiswe datha ho feta ba ruileng. Re ile ra pheella ka kgatello mme ra ba le tswelopele e kgolo ha nako e ntse e ya.

Qeto ena ke qalo ya kahobotjha ya mantlha ya ditheko lekaleng lena. Khomishene ya Tlhodisano e ntse e rerisana le MTN le Telkom mme e lebelletse ho fihlela tharollo dibekeng tse mmalwa tse tlang. Mme ka lebaka la phokotso ya ditheko ya Vodacom, ho na le lebaka la ho dumela hore sena se tla ba le kgahlamelo ho dineteweke tse ding tsa diselefouno se di qobella ho theola ditheko tsa bona hore ba dule ba le tlhodisanong. Empa ke mohato o le mong feela wa ho emisa tlatlapo ya bareki ke dineteweke tse meharo, tse etsang phaello. Ho na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etswa ho kwala ditsela tse ding tseo dineteweke tsa diselefouno di tswelang pele ho qhekella bafutsana.

Ha re a ​​ka ra tela le kamora hore dineteweke tsa diselefouno di leke ho sebedisa makgotla a dinyewe ho diehisa ho phethahatswa ha melawana ya ICASA eo re e hapileng ka thata mme re lwantsha ho se ikamahanye ha tsona. Ha re a ka ra tela ha ba ne ba tseka hore sepektramo e ne e le lebaka la ditjeo tse phahameng tsa datha, hobane re ne re tseba hore le hoja e le bothata, ho ne ho se na lebaka leha e le lefe bakeng sa ditheko tsa bona tse kgahlanong le bafutsana. Ana ke matla a setjhaba sena. Ka ho kopana le ho boloka kgatello, qetellong re tla hlola ntwa ya Data Must Fall.

Share the Post:

Related Posts