Letsholo le leng le le leng le dumella basadi ba Batsho ba tswang ditjhabeng tse amohelang meputso e tlase, le balekane ba bona, ho kopana ka palo e etsang hore baetsi ba diqeto lekaleng la setjhaba le la poraefete ba ikarabelle. Ho fihlela hajwale re se re tsamaisitse matsholo a 100, ho phatlalla le ditaba; ho tloha ho dikgoka tsa bong, toka ya moruo le tlhokofatso ke sepolesa, ho ya ho phumaneho ya dijo, bobodu le phetoho ya maemo a lehodimo
Mmoho, re thea setjhaba se reretsweng ho phephetsa dibopeho tsa matla tse bolokang ho hloka toka, letsholo le le leng ka nako. Re fa batho mekgwa e sebetsang ya ho ba le seabo, ho hokahanya le ho nka kgato e kopanetsweng. Re itshetlehile haholo ka disebediswa tsa moraorao tsa thekenoloji ya setjhaba ho aba matla botjha ka ditsela tse nang le tshusumetso ya sebele Lefatsheng.