Batho ba fetang 49 000 ba etsa kgoeletso ho mmuso ho lefisa barui lekgetho ho tshehetsa bokenadipakeng bo tshehetsang bafumanehi

Pele ho puo ya bajete ya Letona Tito Mboweni, mokgatlo wa bobuelli ba setjhaba amandla.mobi o fana ka letsholo le etsang kgoeletso ya hore barui ba lefiswe lekgetho ho phethahatsa bokenadipakeng bo tla thusa dimilione tsa batho ba Mzansi ba sokolang ho pholoha dikgahlamelong tsa sewa sa COVID-19.

Le tsheheditswe ke batho ba fetang 49 000, ditseko tsa mantlha tsa letsholo ke keketso e potlakileng ya Lekgetho la Meputso ya Batho (PIT) bakeng sa batho ba amohelang tjhelete e fetang R1 milione, hammoho le boitlamo ba ho hlahisa sekgahla se fapanang ho ya hodimo, lekgetho la leruo la selemo le selemo bakeng sa ba nang le leruo le fetang R3.8 milione.

Setjhaba sa amandla.mobi se boetse se etsa kgoeletso le boitlamo tse tshehetsang bafutsana jwaloka phokotso e kgolo ya puseletso ya dithuso tsa bongaka le ho fedisa phokotso ya dinyehelo tsa letlole la penshene kapa dipuseletso bakeng sa ba fumanang meputso e fetang R1 milione ka selemo. Ho boetse ho lokela ho se be le keketseho ya Lekgetho la Meputso ya Batho bakeng sa batho ba fumanang meputso e tlase, bao ha ditjeo tsa bophelo di ntse di tswela pele ho phahama – le baskete ya dijo tsa motheo ebile e feta moputso o tlase.

“Ka lebaka la sewa sena, se ekeditseng ho se lekane ho bileng teng pele ho sona, ena e ka ba e nngwe ya dibajete tsa bohlokwa ka ho fetisisa ho tloha ka 1994”, ho bolela Mothaothi wa amandla.mobi, Tlou Seopa.  “Letona le kopile setjhaba ho fana ka maikutlo mabapi le bajete, kahoo re susumetsa Letona Mboweni ho nahana ka ditseko tsa rona tsa letsholo. Ho etsa jwalo ke mohato wa bohlokwa wa ho fihlela mehato e hlokahalang ya ho thea Mzansi e lekanang bakeng sa bohle,” ho eketsa Seopa.

Ho latela dipatlisiso tse ngata, Mzansi e na le batho ba fetang 300 000 ba nang le dimilione tse ngata tsa tjhelete. Setjhaba sa amandla.mobi se tshehetsa sekgahla se phahameng ka ho fetisisa sa lekgetho la leruo se pakeng tsa 3% le 9% hobane ke sona se hlokahalang haeba re tla eketsa le ho atolosa dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba le ho nka mehato ya ho tlisa Tshehetso ya Moputso wa Motheo boemong ba moputso wa boiphediso hammoho le ho emisa diphokotso tsa dibajete bakeng sa ditshebeletso tsa bohlokwa. 

Ho feta boitlamo bona ba lekgetho, re etsa kgoeletso ya kabobotjha ya ditshenyehelo tsa setjhaba le ho fokotsa ditshenyehelo tse seng molaong tsa mmuso. Sewa sena se ntse se tswela pele ho beha malapa a mangata maemong a thata a bophelo, ha barui ba ntse ba kgona ho phela bophelo bo iketlileng, mme maemong a mang, ba bile ba hodisa leruo la bona. Sibahle X, motshehetsi wa letsholo, o hlokomela hore “Sewa sa COVID-19 se ekeditse ho kotelwa setjhabeng sa Afrika Borwa, mme mmuso ha o tsamaye ka potlako e lekaneng ho kwala sekgeo se ntseng le eketseha mahareng a bafutsana le barui”. Motshehetsi e mong, Michael Y, o re, “ho lefisa barui lekgetho ke qalo ya ntwa ya tekano setjhabeng ho thibela bofutsana ba bongata.” Ke nako ya ho lefisa barui lekgetho ka nepo.

Fumana letsholo lena mona: Lekgetho la barui ho eketsa dithuso tsa ditjhelete, ho lefella diente le ho emisa diphokotso tsa dibajete.

Bakeng sa tlhahisoleseding e nngwe le ho botsa dipotso:

Tlou Seopa

Amandla.mobi: Mothaothi

Sele: +27 81 761 5326

Imeile: tlou@amandla.mobi

Share the Post:

Related Posts