Ka la 1 Mphalane 2021, re ile ra thakgola saveyi ya ho bokella bopaki bo hlokehang ho pepesa mathata a maholo le ho bontsha SASSA hore e tlameha ho nka kgato.
Tse ding tsa diphumano tsa rona tsa bohlokwa saveying ya rona ya thuso ya tjhelete ya R350:
● Ka hodimo ho halofo ya ba entseng kopo ya thuso ya tjhelete ya R350 ha ba a atleha. Bongata dikopo tsa bona di ile tsa hanwa kapa ha ba a ka ba romela dikopo tsa bona ka lebaka la mathata a setekgeniki le tsamaiso ya SASSA.
● 24% ya batho ba itse ha ho motho ya arabang ha ba letsetsa nomoro ya SASSA.
● Hoo e ka bang 40% ya batho ba itse ba tlameha ho fumana kapa ho kadima tjhelete bakeng sa moya kapa datha ho etsa kopo.
● 44% ya bahlokomedi ba sa sebetseng ba boletse hore SASSA e hanne dikopo tsa bona ka lebaka la UIF.
● Batho ba bangata ba sa sebetseng dikopo tsa bona tsa R350 di hannwe ka leeme.
Mohlokomedi e mong ya sa sebetseng ya entseng kopo ya thuso ya tjhelete ya R350 o itse:
“[SASSA] e itse ke fumane UIF, empa ha ke so sebetse bophelong ba ka mme ha ke na nomoro ya SARS kapa UIF”.*
Ha ba botswa hore molaetsa wa bona ke ofe ho CEO ya SASSA le Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba, mokopi e mong o itse:
“Araba mehala ya rona hobane ke yona tsela e bonolo ka ho fetisisa ya ho buisana le bona. Haeba ba haellwa ke basebetsi, ba hire batho hore tshebetso e tle e potlake. Ha ho na toka ho ema dikgwedi tse tharo mme ka dinako tse ding o kgutle ka diphetho tse tshwanang.”
Ditho tse ngata tsa amandla.mobi di thusitse ho beha kgatello ho Mopresidente Ramaphosa ho kgutlisa thuso ya tjhelete ya R350 mme bonyane a kenyelletse bahlokomedi ba sa sebetseng. Ona e bile mohato o lebisang tseleng e nepahetseng. Empa ha se feela hore ditlhoko tsa rona tsa ho eketsa le ho atolosa thuso di ile tsa se tsotellwe, ditho tse ngata tsa setjhaba sa amandla.mobi di tlalehile mathata a ho etsa kopo ya thuso ya tjhelete ya R350.
● Tshebetso ya kopo ya thuso ya tjhelete ena ha e fihlellehe, mme ho thata ho fumana lesedi kapa thuso ho tswa ho SASSA.
Batho ba bangata ba ile ba bolela kamoo ba ileng ba tlameha ho kadima tjhelete ho etsa kopo ya thuso ya tjhelete ena kapa ho e lata. Hoo e ka bang motho a le mong ho ba bane ba itse ha ba letsetsa SASSA, ha ho motho ya arabang. Diperesente tse nyane tsa ba arabileng di ile tsa bolela hore tshitiso ya puo le yona ke bothata ho bona esita le ho bolela hore ha ba fumane thuso leha e le efe ha ba batla thuso ho SASSA.

Kerafo ya 1: Kerafo e ka hodimo e hlalosa ditshitiso tse atileng haholo tseo batho ba tobaneng le tsona le pele ba leka ho kenya dikopo tsa bona.
● Ho na le sekgahla se phahameng sa ho hana, haholoholo ho bahlokomedi.
Bakeng sa ba ka hlolang ditshitiso tse ka hodimo, kerafo e ka tlase e bontsha hore bakopi ba bangata ba a hanwa kapa ha ba kgone le ho kenya dikopo tsa bona ka lebaka la mathata a setekgeniki le tsamaiso ya SASSA.

Kerafo ya 2: Kerafo e ka hodimo e bontsha dikarabo tsa saveyi potsong e reng, “Na o kgonne ho etsa kopo ya thuso ya tjhelete ya R350 ho tloha ha e kgutliswa mme e qala ho lefa ba e amohelang ho tloha ka Phato 2021?”
Setshwantsho se ka hodimo ha se setle, empa se sebe le ho feta ho bahlokomedi ba sa sebetseng. Ha re bapisa kerafo ya 2 ka hodimo le kerafo ya 3 ka tlase, datha ya saveyi e fana ka maikutlo a hore bahlokomedi ba sa sebetseng ba ne ba na le dikgahla tse phahameng tsa ho hanwa le dikgahla tse tlase tsa katleho.

Kerafo ya 3: Kerafo e ka hodimo e bontsha ho hanwa ha dikopo tsa R350 le dikgahla tsa katleho bakeng sa ba phethileng saveyi feela mme ba boletse hore ke bahlokomedi ba sa sebetseng ba neng ba amohela thuso ya tjhelete ya tshehetso ya bana molemong wa ngwana.
● Bakopi ba dithuso tsa ditjhelete le baamohedi ba fana ka boiphihlelo ba bona le ditlhahiso
Ka hodimo ho 50% ya ba neng ba na le phihlello ya mehlodi e kang inthanete kapa di-smartphone ba ne ba kgona ho etela websaete ya SASSA. Sebaka sena ho nahanelwa jwale ha se sa hloka datha ho se fihlela. Ba bang ba sebedisitse WhatsApp le leqephe la Facebook la SASSA bakeng sa tlhahisoleseding. Bongata ba ba ileng ba letsetsa setsi sa mehala sa SASSA ha ba a fumana thuso e kaalo. Ha ba kotjwa ho bolela bo bong ba boiphihlelo ba bona ha ba ntse ba leka ho fumana thuso ya tjhelete, ba bang ba arabileng ba itse:
Ke ne ke hloka thuso, empa ho ne ho se motho ya arabang mohala.
“Ba nthomelletse SMS kgwedi le kgwedi ba re kopo ya ka ha e a atleha ka lebaka la UIF.”
“Le ha e le ho araba imeile e le rometsweng.”
Mekgwa e sebediswang haholo ya ho etsa kopo ya thuso ya tjhelete ena e ne e le websaete ya SASSA le WhatsApp. 8% ya ba arabileng ba lekile khoutu ya USSD empa ba fumana e sa sebetse. Ha ba kotjwa ho bolela diqholotso tseo ba tobaneng le tsona ha ba ntse ba sebedisa mekgwa e fapaneng, ba bang ba itse:
Websaete e ne e le bonolo, empa ho leka ho fumana motho ya thusang eo eseng roboto e ne e le mosebetsi.
Baarabi ba boetse ba fana ka melaetsa le ditshisinyo tse itseng bakeng sa SASSA le Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba (DSD) ho ntlafatsa tsamaiso ya thuso ya tjhelete ya R350. Mona ke seo ba bang ba ileng ba se bua:
“Ho bula diofisi tse ding tsa SASSA tse tsamayang.”
“Ho boloka ditshepiso tsa bona🙏🏿. Re fe rona ba sa sebetseng tjhelete, mme o se ke wa kgetha empa o re fe kaofela.”
“Ba tlameha ho ntlafatsa tsamaiso ya bona ya netefatso hore e be mofuta o potlakileng hobane tsohle di nka nako e telele haholo.”
“Kgaotsa ho sebedisa datha ha o etsa kopo. Ha re na tjhelete. ”
“Ela hloko haholo dikopo tse ding le mathata a tsona, haholoholo batho bao ho bolelwang hore ba fumana UIF ba sa e fumane.”
“Nolofatsa mokgwa wa ho etsa kopo. Eketsa bokgoni ba seva. Araba dipotso le boipiletso ka nako. ”
● Jwale keng eo SASSA le Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba (DSD) ba ka e etsang ka ho fapana?
Ke dikgwedi tse ngata, bakopi le baamohedi ba thuso ya tjhelete ya R350 ba ntse ba batla hore SASSA e lokise mefokolo ya tsamaiso ya dithuso tsa ditjhelete. Ena ke taba ya ho phela ho batho ba bangata ba Mzansi, mme ditseko tsena di ke ke tsa hlola di wela ditsebeng tse sa utlweng. Batho ba a sokola ho lekane kamoo ho leng kateng, ntle le ho sebetsana le tsamaiso ya SASSA, e nkang nako, matla esita le tjhelete ho e fihlella, ho fumana tlhahisoleseding le thuso.
SASSA le Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ba tlameha ho:
● Etsa hore tsamaiso ya thuso ya tjhelete ya R350 e sebetse hantle le ho ba bonolo ho basebedisi, inthaneteng le ka ntle ho inthanete ka bobedi.
● Ho ba le matsatsi a ho lefa a tsitsitseng.
● Ntlafatsa puisano le baamohedi/bajalefa.
● Thea mekgwa e meng e bonolo le e fihlellehang bakeng sa ba sa kgoneng ho etsa kopo inthaneteng kapa ho fihlella diofisi tsa SASSA.
● Ntlafatsa tshebediso ya puo bakeng sa batho ba sa bueng Senyesemane.
● Ho hira basebetsi le ho ntlafatsa bokgoni ba setsi sa mehala sa SASSA.
● Fana ka thuso ya tjhelete ya R350 ho bahlokomedi ba sa sebetseng, ntle le hore ba etse kopo ya R350. Kapa bonyane, ho behella pele ho hlahloba boipiletso ba bahlokomedi ba sa sebetseng.
● Sebetsa mmoho le SARS le Lefapha la Basebetsi ho ntlafatsa dipolokelo tsa datha tsa IRP5 le UIF tse sebediswang bakeng sa diteko tsa maemo ho bona hore ke mang ya tshwanelehang bakeng sa thuso ya tjhelete.
Ho feta moo, SASSA le Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ba tlameha ho:
● Tshehetsa ho atolosa thuso ena ya tjhelete ho feta Tlhakubele 2022 le ho e nyolla ho feta moedi o ka hodimo wa bofuma.
● Tshehetsa ho boloka thuso ya tjhelete ho fihlela e fetolwa ho ba Tshehetso ya Moputso wa Motheo.
● Tshehetsa ho fana ka thuso ya tjhelete eseng ho bahlokomedi ba sa sebetseng feela, empa bahlokomedi BOHLE ba fumanang Thuso ya Tjhelete ya Tshehetso ya Bana.
● Tshehetsa keketso ya dithuso tsa ditjhelete tse ding kaofela ho thusa ho lekanya thuso ya tjhelete ya SRD.
*Ka kopo, hlokomela hore mantswe ana a qotsitsweng a fetotswe hanyane molemong wa bokgutshwane le ho hlaka.
Temoso ya setekgeniki: Diphetho tse ka hodimo di nkilwe haholo diphethong tsa saveyi ya rona ya thuso ya tjhelete ya R350, e ntseng e le teng mme e ka fumanwa mona: https://amandla.wgdev.co.za/350-survey/.
Bakeng sa dipalo tsa moraorao le tse ntjhafaditsweng, sheba leqephe la diphetho tsa saveyi mona https://amandlamobi.typeform.com/report/gxz4Fdg1/SwrwAfins27rAdbw.
Diphetho tsa saveyi di lokela ho ntjhafatswa bonyane hanngwe ka beke ho bontsha dikarabo tse ntjha ha batho ba bangata ba ntse ba tlatsa disaveyi. Ka kopo, hlokomela hore datha e mabapi le bahlokomedi ba sa sebetseng ba entseng kopo ya thuso ya tjhelete ya R350, kaha jwale ba kenyelleditswe ditekanyetsong tsa ho tshwaneleha, e nkilwe ho datha e arotsweng ho tswa saveying e nngwe ya rona ya mefuta e meng ya dithuso tsa setjhaba, e ntseng e le teng le mme e ka fumanwa mona: https://amandla.wgdev.co.za/grant-survey/.
Diphetho tsa moraorao tsa saveyi eo di ka fumanwa mona. Saveyi e ka tlatswa websaeteng ya rona ya mobi, empa re boetse re fane ka mekgwa ya ho phethela saveyi ka mehala bakeng sa ba se nang datha kapa moya. Ka kopo, hlokomela hore re ne re na le bokgoni ba ho phatlalatsa diphetho tsa saveyi e akaretsang feela, le hore datha e ka hodimo mabapi le bahlokomedi ba sa sebetseng e ile ya arolwa le ho manollwa ntle le tshebediso ya khompiyutha. Ho jwalo le ka dikarabo tsa saveyi ya UIF. Datha e manollotsweng ntle le tshebediso ya khompiyutha ha e yo mme e nkilwe ho sete ya datha ho tloha ka la 3 December 2021. Re mokgatlo o monyane o nang le bokgoni bo fokolang le ditjhelete e fokolang. Leha ho le jwalo, haeba o ka rata ho kopa datha e nngwe ya moraorao kapa ho fana ka ditlhahiso tsa mokgwa wa ho etsa dipatlisiso, ikutlwe o lokolohile ho ikopanya le rona ho hola (at) amandla.mobi, mme re tla etsa sohle se matleng a rona ho o araba.