Bomphato ba Bathaothi ba rona

Basadi ba batsho ba tobana le ditshitiso hohle, mme mekgatlo ya setjhaba le ho yona ho jwalo. Re hlophisitse lenaneo la rona la Bomphato ho fana ka kwetliso, thupello le tshehetso ho bahlophisi ba setjhaba ba teng, baitseki le bangodi ho potlakisa bokgoni ba bona le kgahlamelo. Ba Bomphato ba Bathaothi ba mehleng ba sebedisitse thupello le boiphihlelo tsa bona ho etsa matsapa a bona, kapa ho kenela mekgatlo le ho matlafatsa tikoloho ya babatlisisi, bafani, baitseki le bahlophisi bao hammoho ba phephetsang mmuso le dikgwebo. Ha maemo a matjha a fumaneha, ba bang ba bathaothi ba rona ba mehleng ba bile ba etsa dikopo le ho kenela sehlopha sa amandla.mobi.

Lenaneo la selemo le selemo la Bomphato ba Bathaothi ke Bomphato ba ka nako yohle ya dikgwedi tse nne bo buletsweng basadi ba Batsho le batho ba sa dumellaneng le ditlwaelo tsa bong. O ka bala haholwanyana ka Bomphato ba Bathaothi mona.

Bala haholwanyana ka Bomphato ba Bathaothi ba rona ba mehleng mona: