Re dumela hore Mzansi e hlokang leeme, e nang le toka e ka ba teng ha ba lekaneng ba rona ba kopana mme ho nka kgato ka ditaba tse amang basadi ba batsho ba amohelang meputso e tlase. Ha ho ketso e nyane haholo kapa e kgolo haholo. Tsohle ke disebediswa bakeng sa kganyetso e nang le maqheka. amandla.mobi e sebetsa ho tataisa matla a kopaneng a basadi ba Batsho ba tswang malapeng a amohelang meputso e tlase. Ho fihlela hajwale re se re hodile ho ba setjhaba sa batho ba fetang halofo ya milione. Mmoho le ditho tsa setjhaba sa habo rona, batshehetsi le mekgatlo ya balekane, re kopana ho fetola matla ka mekgwa e thusang ho tsamaisa melao ya setjhaba sa habo rona, maano, ditlwaelo le makgabane, ho sebetsa tshebeletsong ya basadi ba Batsho ba amohelang meputso e tlase, le ditjhaba tsa habo rona.
Re mamela seo setjhaba sa habo rona se amehileng ka sona haholo mme re batla ho nka kgato ka sona, ebe re rala ditsela tse kopaneng le tse sebetsang tseo ba ka arabelang ka tsona ka disebediswa le maqheka a fapaneng. amandla.mobi ke tikoloho ya batho le mekgatlo e sebetsang ho thea ponelopele e kopanetsweng bakeng sa basadi ba batsho ba amohelang meputso e tlase hore ba atlehe mme ka ho etsa jwalo, ho kgonehe hore bohle le bona ba atlehe.